
Dikuku tsa Condensed ka tswekere ya HULETTS
Dihlahiswa:
12 ya kopi tsa phofo ya koro (flour)
3 ya kopi tsa tswekere e tshweu ya HULETTS
Kopi e le nngwe (tin) ya lebese la Condensed
Pakete e le nngwe (50g) ya Bicarbonate of Soda
Pakete e le nngwe (50g) ya Cream of Tarta
3 ya mahe a maholo
Kgaba e le nngwe ya tee (teaspoon) ya vanilla
Ho kopanya (Methods)
Qala ka ho kopanya tse ommeng (diphoshwana) e leng:
Baking powder, phofo ya koro (flour), Cream of Tarta, Bicarbonate of Soda, le bohashana ba letswai ka sekotlolo se le seng.
Ka sekotlolo se seng kopanya botoro (margarine), tswekere ya HULETTS le lebese la Condensed. Difetle ho fihlela o bona hore dikopane.
Sekotlolong sa boraro kopanya mahe a hao le vanilla ya kgetho ya hao.
Kopanya tsena tsohle sekotlolong se le seng mme o etse bonnete ba hore dikopane hantle pele o ka qala ho ditshela ka hara pane le ho dikenya ka ontong.
Etsa bonnete ba hore setofo sa hae se dutse ho 180’c mme o se dule hole le sona ho etsa bonnete ba hore ha difetola mmala o kenya pane e nngwe.
