
Poone e Besitsweng – Setaele sa SeAfrika!
Ho Afrika e ka Botjhabela ke e nngwe ya di-snacks tse ratwang ka ho fetisisa le tse fumanehang seterateng.
E theko e tlaase, e bonolo ho ja, e ya kgorisa ebile e monate!
Diterateng ho tloha Dar Es Salaam ho ya Nairobi o tla fumana mokgwa ona wa Afrika wa poone e besitsweng, e tsejwang e le Maize.
E qala ka poone e butshwitseng ya masimong, eseng lesea la poone e tshehla e atileng dikarolong tse ding tsa lefatshe.
Poone e nyenyane e ne e tla pona ha mollo o tjhesa, empa kaha poone ya Afrika e kguwa e se e hodile, e beswe joaloka popcorn, ha ho se ho foqoha seretse se tjhesang.
Poone e ya thunya le ho lla ha e beswa mme e qala ho fetoha mmala wa kgauta o mosehla le o motsho.
Ha ho na disebediswa tse sebediswang mokgweng ona wa ho pheha.
Morekisi o sebedisa matsoho a hae a sa rwala letho ho nka seqo se tlabola esita le ho hlophisa mashala a tukang botjha!
Ha o reka poone ya hao, sebesi se tla sebedisa motswako wa letswai, pelepele le lime.
Jwale poone e chesang e tukang e kenngwa ka hara lekgapetla, e leng ho etsang hore e kgonehe ho e tshwarwa le ho e ja.
- Source: Migrationology
- Translated by: Masole Mabaleka
