
Risepe le ditaelo tsa ho etsa jwala ba setho (umqombothi)
Ho etsa jwala bona o tlo hloka tsena:
Mmela
Phoofo ya poone
Metsi
Tswekere
Tsela ya ho tswaka
- Kopanya mmela le phoofo ka sejaneng. Tshela metsi a belang o tswake hofihlela e ba hlama.
- Beha ka thoko motswako oo o fole, o kwahele bosiu kaofela hore o tlo ba bodila.
- Tshela metsi pitseng e kgolo o a bidise, ha a se a bela tlosa pitsa mollong o tshele hlama yane e bodila o ntse o fuduwa.
- Kgutlisetsa pitsa mollong o fuduwe hofihlela ho bela eba motoho o thata.
- Pheha metsotso e ka bang 60 kamora moo o tshele motoho oo emereng e kgolo.
- Tshela metsi a batang le mmela le tswekere. Kwahela emere eo o e behe matsatsi a mabedi ho ya ho a mararo(2-3).
- Kamora nako eo motswako otlabe o se o betse o le bodila, o tla etsa makweba ka hodimo mme jwale o ka tlhotla. Sebedisa sefe kapa motlhotlo ho tlhotla. O ka sebedisa le matsoho a hao ho thusetsa sefe.
- Emela metsotso e mashome a mararo (30) pele o ka nwa jwala ba hao.
BALA Hape: Mokgwa wa ho paka dikuku.
Source: www.taste.co.za
Translator: Masole Mabaleka
