Tsela ya ho pheha mohodu le bohobe (dombolo)

1. Hlatswa mohodu tlasa metsi a batang, a phallang (etsa bonnete ba hore e hlwekisitswe hantle).

 2. Kenya mohodu pitseng e kgolo mme o kenye metsi a lekaneng ho kwahela nama ebe o ya pheha.

 3. Hang ha e phehile, eketsa sekaqa sa stock ka pitseng.

 4. Fokotsa ho mollo mme o phehe dihora tse 3 o ntse o eketsa metsi ha ho hlokahala. Eketsa letswai le pepere mme o fokotse motjheso o ise tlaase ho fihlela ho ba le moro o thatanyana.

 Bakeng sa bohobe (dombolo)

1. Tlotsa sekotlolo se seholo sa enamel ka botoro kapa margarine.

2. Hlakola metswako e ommeng ka sekotlolong se seng se seholo ebe o kopanya metsing a futhumetseng.

3. Duba ho fihlela hlama e kopana mme e sa kgomarele matsoho. Fetisetsa hlama ka sekotlolong se tlotsitsweng. Kwahela ka sekwahelo sa ho kgomarela, beha sebakeng se mofuthu mme u dumelle hlama hore e kokomohe.

4. Ho sebedisa pitsa e kgolo, metsi a 15cm kapa a lekaneng ho fihla halofo ya sekotlolo se nang le hlama (ha metsi a pheha, ha aa lokela ho kolobisa hlama kapa ho kena ka hara sekotlolo).

Beha sekotlolo se tlotsitsweng ka hara pitsa. Kwahela ka sekwahelo mme, ka motjheso o itekanetseng, bedisa bohobe bonyane hora kapa ho fihlela bo butshwa.

Ho hlahloba hore na bohobe bo butshwitse.

 Kenya thipa bohareng. Ha bohobe bo lokile, e lokela ho tswa e hlwekile.

5. Sebedisa bohobe ho jelella setjhu sa mohodu. O ka nna wa tshela Parsley ka hodimo o je!

  • Source: www.foodiesofsa.com
  • Translator: Masole Mabaleka