
Dibapi dijo tsa Basotho
Dipabi ke poone e phehilweng e hadikelweng, e sitsweng.
Mme e ntse e fumaneha mahaeng a Lesotho. Mofuta wa poone e sebedisitsweng ho etsa dibapi ke Khoahla e hlang haholo ka seha sa mariha.
Ho etsa dipabi , poone e ntswa ka mokoting e be ea omiswa.
Ka morao ho moo, poone eo e tla silwa hore ebe phoofo, ho tlba eho sebediswa lelwala hore e silwe.
Ebe ho tswelwa letswai le tswekere hore dibe letatso e itseng.
Ebe di ya kopangwa jwalo Ka tlwaelo, Basotho bane ba etsa dibapi ele sejo seo ba sejnang maetong a matelele.
Ke sehlahiswa se loketseng baeti ka lebaka la hire se dula se le setjha nako e telele.
Hangata dipabi di juwa feela di kopantswe le metsi, mme e ne e rata le ho lukisetswa basebesti nakong ya letsema.
Basebetsi ba ne baja dibapi ha mmoho le motoho mme dio tsena di ne ditla ba boloka nako e telele ha ntse ba sebetsa.
Dilemong tse ngata tse fetileng, dijo tsena e ne ele dijo tse tlwaelehileng malapeng a mangata, bohareng ba dilemo tsa 2010.
