Mokgwa wa ho paka dikuku

O tlo hloka tsena:

Komiki ya phoofo ya poone ya vanilla

Komiki ya phoofo ya dikuku

Botoro e batang

Komiki ya lebese la botoro

Phoofo ya ho paka

O ka di jelella ka jeme, tjhisi, botoro kapa lebese le thata.

Mokgwa wa ho paka:

  1. Futhumetsa onto ka motjheso wa 180 mme o lokise pane ya ho paka.
  2. Sejaneng se seholo, kopantsha diphoofo mme o tshele le botoro. Sebdisa menwana ho tswaka motswako oo.
  3. Bula sekoti mahareng a motswako oo o nto tshela lebese hanyane hanyane, fuduwa ka kgaba hofihlela hlama e bopeha.
  4. Beha hlama hodima sebaka se sephara o e dube pele o e seha.
  5. Sebedisa ntho ya ho seha dikuku ho seha hlama ya hao . Kenya ka paneng yane e lokisitsweng o tlotse ka lebese ka hodima hlama ya hao. Paka ka ontong metsotso e ka bang 15.
  6. Eja dikuku tsa hao ka sejelello se tswekere kapa se letswai.

BALA Hape: Tsela ya ho pheha mohodu le bohobe(dombolo)

Source: www.foodiesofsa.com

Translator: Masole Mabaleka