
Umxhanxa Dijo tsa Setso
Umxhanxa ke sejo sa setso sa MaNdebele se nang le lehapu le mosehla (iJodo), poone e omisitsweng letsatsing le tswekere. Le hoja batho ba Ndebele e le bona ba phehang sejana sena, batho ba Kalanga le bona ba se thabela. Umxhanxa ke sejo se ikgethang ka hore ke dijo tsa dinako tsa selemo tseo hangata di joang bakeng sa dijo tsa motsheare ka mora kotulo ya Maria. Mokgwa ona o qala ka ho bedisa poone dihora tse peli le halofo, ho fihlela dithollo tse thata di kokobela. Ha ho so be le diphetoho tse ngata mabapi le hore na sejo sena sa setso sa Ndebele se lokiswa jwang Matsatsing ana batho ba bangata ba sebedisa mahe a dinotse hona le tswekere. Mokgwa wa ho pheha o dula o sa fetohe. Umxhanxa ke sejo sa setso sa MaNdebele se ka natefelwang ka dino tsa lehae tse kang amasi, veine le biri. E ka jewa e le nngwe kapa ya kopangwa le dijo tse ding ho latela kgetho ya motho. Umxhanxa e na le phepo e ntle haholo mme metswako ya yona ha e theko e boima haholo, e leng se etsang hore e be sejo se tlwaelehileng malapeng a mangata.
Translator: Karabelo Mola
